09/06/2026
📢 KOPO EA BOLULO BAKENG SA BAITHUTI BA JULY INTAKE
Re kopa thuso ho sechaba sa Ha-Pita le libaka tse haufi. Re na le baithuti ba tlang ka July Intake ba tsoang literekeng tse fapaneng, 'me ba bang ba tobane le bothata ba bolulo.
Haeba ho na le motho ea nang le kamore e le 'ngoe (single room) eo a e hirisang kapa a tsebang moo ho nang le likamore tse fumanehang haufi le Ha-Pita, re kopa a ikopanye le rona.
Thuso ea lona e tla thusa baithuti bana ho fumana sebaka se sireletsehileng le se loketseng sa bolulo ha ba ntse ba tsoela pele ka lithuto tsa bona.
Rea leboha ka tšebelisano-'moho le tšehetso ea lona. 🙏❤️